Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Kahoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mmea morena le hlooho ya sona. Mme Jafeta a pheta mantswe a hae kaofela pela Jehova, Mitspe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Yaba Jafeta o tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mo etsa moetapele wa sona le molaodi wa sona. Jafeta a pheta dipolelo tsa hae tsohle a le Misepa, moo Morena a ntseng a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


Bana ba Ammone ba phutheha, ba tla, ba emisa Gileade; le bona bana ba Iseraele ba phutheha, ba ya, ba emisa Mitspe.


Jafeta a ntoo romela morena wa bana ba Ammone manqosa, a re: Taba ya hao le nna ke efe, haele moo o tlile ho ntwantsha naheng eo e leng ya ka?


Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.


Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Jwale, Samuele a memela setjhaba Mitspe pela Jehova.


Setjhaba sohle sa ya Gilgale, ba boela ba bea Saule morena pela Jehova; ba hlaba mahlabelo a teboho pela Jehova, mme teng Saule le banna bohle ba Iseraele ba thaba haholo.


Samuele a utlwa polelo tsohle tsa setjhaba, mme a di kgutlisetsa tsebeng tsa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ