Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 10:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eyang, le howeletse ho medimo eo le ikgethetseng yona, e ke e le namolele nakong ena ya tsietsi ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Tsamayang le yo llela ho medimo eo, eo le e kgethileng; a e ke e le lopolle nakong ena ya tsietsi ya lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 10:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.


Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?


Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.


Etlare ha o howa, na dihlopha tsa medimo ya hao di tla o namolela na? Athe moya o tla e nkela koo kaofela ha yona, e tloswe hang. Empa ya itshepetseng nna o tla ja lefa la lefatshe, a rue thaba ya ka e halalelang.


E kae medimo ya hao eo o iketseditseng yona? E ke e eme, ha e ka o pholosa letsatsing la tsietsi ya hao: hobane wena, Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao!


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ