32 Baasere ba nna ba aha le Bakanana ba ahileng naheng eo, ba se ke ba ba leleka.
32 Baashere ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha, hobane ha ba a ka ba ba leleka.
Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.
Asere, ha a ka a leleka ba ahileng Akko, leha e le ba ahileng Sidone, le Aklabe, le Aksibe, le Helba, le Afike, le Rehobe.
Nefthali yena ha a ka a leleka ba ahileng Bethe-Shemeshe, leha e le ba ahileng Bethe-Anathe; a nna a aha le Bakanana ba ahileng naheng eo; ba ahileng Bethe-Shemeshe le Bethe-Anathe ba mpa ba mo ntshetsa lekgetho.