Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 1:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Manasse yena ha a ka a leleka batho ba Bethe-Sheane le ba metse ya teng, leha e le ba Thaanake le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Dore le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Jibleame le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Meggido le ba metse ya teng; Bakanana ba mpa ba hanella naheng eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ba morabe wa Manase ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Sheane le ba metsana ya yona, le ba Taanake le ba metsana ya yona, le ba Dore le ba metsana ya yona, le ba Jibeleame le ba metsana ya yona, le ba Megido le ba metsana ya yona. Bakanana ba tsitlella ho aha naheng eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 1:27
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.


Tshiung tsa hae, Faro-Neko, morena wa Egepeta, a futuhela morena wa Assiria, ho fihla nokeng ya Eufrate; le morena Josiase a ya mo kgahlanyetsa; empa Faro a mmolaela Megiddo, mohla ba teaneng.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona.


Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


Mothapong wa leloko la Manasse ke Thaanake le meraka ya wona, le Gathe-Rimmone le meraka ya wona: metse e mmedi.


Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?


Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.


Motho eo a fallela naheng ya Bahethe, mme a haha motse teng, a o rea lebitso la Luse. Esale lebitso la wona le kajeno.


Eitse hobane Baiseraele ba iphe matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba lelekela ruri.


Marena a tla, a lwana; ha lwana marena a Kanana, pela Thaanake, metsing a Meggido, a mpa a se ke a hapa dintho, leha e le tjhelete.


Empa Saule le setjhaba ba pholosa Agage, le dinku tse ntle, le dikgomo tse ntle tse nonneng, le dikonyana, le tsohle tse ntle, ba sa rate ho di neela anathema; haele dintho tsohle tse nyatsehang, tse nyenyane, ba di neela anathema.


Ba bea dihlomo tsa hae tlung ya Ashtarothe, mme ba fanyeha setopo sa hae lerakong la Bethe-Shane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ