pela moedi wa bana ba Manasse ke Bethe-Sheane le metsana ya teng, Thaanake le metsana ya teng, Megiddo le metsana ya teng, Dore le metsana ya teng. Metseng eo, ho ne ho ahile bana ba Josefa, mora Iseraele.
Haele bara ba Josefa, ho bara ba Efraime ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
etswe bana ba Josefa ba ne ba balwa e le meloko e mmedi, la Manasse le la Efraime; ha ba ka ba nea Balevi kabelo lefatsheng leo, haese metse ya ho aha teng, le meraka ya dikgomo tsa bona, le ya dintho tsa bona.
ba leloko la Sabulone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Josefa ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Benjamine ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.
Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.