Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 1:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Bana ba Benjamine ba se ke ba leleka Bajebuse bao e neng e le baahi ba Jerusalema, empa Bajebuse ba aha hara bana ba Benjamine ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 1:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.


Yaba Davida le Baiseraele bohle ba futuhela Jerusalema, e leng Jebuse, moo ho neng ho le Bajebuse ba neng ba ahile naheng eo.


Bao ke dihlooho tsa matlo a bontata bona, melokong ya bona; ke dihlooho. Ba ne ba ahile Jerusalema.


e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha hara bona ba sebetsang ka mokgwa wa bahlanka; le kajeno ke bona.


Hape, ha ba ka ba fedisa ditjhaba, jwalokaha Jehova a ne a ba laetse,


Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.


Ba ntlo ya Josefa bona ba nyolohela Bethele, mme Jehova a ba le bona.


Manasse yena ha a ka a leleka batho ba Bethe-Sheane le ba metse ya teng, leha e le ba Thaanake le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Dore le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Jibleame le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Meggido le ba metse ya teng; Bakanana ba mpa ba hanella naheng eo.


Yaba bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba o kena; ba bolaya baahi ba teng ka bohale ba lerumo, mme ba tjhesa motse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ