Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ba nea Kalebe motse wa Heborone, jwalokaha Moshe a ne a buile, mme yena a leleka bara ba bararo ba Anake.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 1:20
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.


Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.


haese Kalebe, mora Jefunne. Yena o tla le bona, mme ke tla nea yena le bara ba hae lefatshe leo a le hatileng ka maoto, hobane o tiiseditse ho latela Jehova kahohle.


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba tloha Eglone, ba ya Hebrone, mme ba o lwantsha.


Mohlang oo, Joshua a ya, a fedisa Baanake ba dithabeng tsa Hebrone, le Debire, le Anabe, le dithabeng tsohle tsa Juda, le dithabeng tsohle tsa Iseraele; Joshua a ba fedisa le metse ya bona.


Pele lebitso la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba; Arba yena e be e le motho e molelele ho feta Baanake kaofela. Mme lefatshe la phomola ntwa e le siyo.


Hape, ba Juda ba futuhela Bakanana ba ahileng Hebrone (bitso la pele la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba), mme ba hlola metse ya Sheshai, le Akimane, le Talmai.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ