Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Empa batho ba kgopo le bathetsi ba tla nne ba feteletse bobeng, ba kgelohe, mme ba ntse ba kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa batho ba kgopo le bathetsi ba tla nne ba feteletse bobeng, ba kgelohe, mme ba ntse ba kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 3:13
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho wona ho dutse matla le bohlale; ya kgelohileng le ya kgelosang ba matleng a wona.


O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?


A eketsa, a re ho nna: O sa tla bona manyala a mang a maholo a etswang ke bona.


hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


Mme jwalokaha Janese le Jambrese ba ne ba hanyetsa Moshe, bao le bona ba hanela nnete jwalo; ke batho ba dikelello tse bodileng, ba lahlilweng ka nqeng ya tumelo.


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


Hobane ha ba ne ba se ba balehetse ditshila tsa lefatshe, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona, mme ba boetse ba itshwasitse ho tsona, mme ba hlotswe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello di mpe ho fetisa tsa pele.


le ntse le tseba haholoholo hobane, mehleng ya morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaya ka ditakatso tsa bona,


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


Sa thetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata, se neng se hlabilwe ka lerumo, sa ba sa pholoha, setshwantsho.


Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ