Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 2:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 le hore ba tle ba hlaphoheloe lerabeng la Diabolose, bao a ba tshwasitseng ho etsa thato ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 le hore ba tle ba hlaphoheloe lerabeng la Diabolose, bao a ba tshwasitseng ho etsa thato ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 2:26
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.


Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae.


Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha.


Ka baka leo, lentswe la Jehova le tla fihla ho bona, e le molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo, hanyenyane mona, honyenyane mono, hore ha ba tsamaya ba we ka dietse, ba robehe, ba wele sefing, ba tshwaswe.


Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


Ba bangata ba bona ba tla kgoptjwa, ba we, ba robehe, ba tshwaswe, ba tshwarwe.


Mohla senatla se tshwereng marumo, se lebelang ntlo ya sona, mesebetsi ya sona kaofela e ituletse hantle;


Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!


Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho.


Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,


Eitse hobane a nke sengwathwana, Satane a kena ho yena. Jwale, Jesu a re ho yena: Seo o se etsang, hlo o se etse kapele.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?


Hlaphohelwang, le se otsele, le phele ka ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ba hloka tsebo ya Modimo; ke le bolella hoo, e be dihlong ho lona.


re tle re se ke ra tlatlapuwa letho ke Satane, hobane re hlile re tseba merero ya hae.


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;


Hara bona ho na le Himenea le Aleksandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba rutwe ho lesa ho nyefola.


Hape, e ka kgona a be le bopaki bo botle bo tswang ho ba kantle, a tle a se ke a wela dihlapeng le lerabeng la Diabolose.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ