Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jwale, ekare ha motho a itlhwekisa ka ho itima ntho tseo, o tla fetoha pitsa e kgethetsweng hlompho, e molemo ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e metle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ekare ha motho a itlhwekisa ho tsena, e tla ba pitsa ya mesebetsi e kgethehileng, e halaleditsweng, e nang le thuso ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Ekare ha motho a itlhwekisa ho tseo, e tla ba pitsa e hlomphuwang, e kgethetsweng, e loketseng mong wa yona, e lokiseditsweng mosebetsi o mong le o mong o molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ekare ha motho a itlhwekisa ho tseo, e tla ba pitsa e hlomphuwang, e kgethetsweng, e loketseng mong wa yona, e lokiseditsweng mosebetsi o mong le o mong o molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 2:21
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.


ke tla isa letsoho la ka hodima hao, ke be ke hlatswe ditshila tsa hao ka logo, ke tlose manya a hao kaofela.


Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.


O tla dula, a ntse a qhibidisa, a hlwekisa silefera; o tla hlwekisa bara ba Levi, a ba tsheke jwaloka kgauta le jwaloka silefera, mme ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa neo e nngwe le e nngwe ya mohau, le tle le be le ho le lekanang kamehla nthong tsohle, mme le atelwe ke tseo le tlang ho etsa mesebetsi yohle e molemo ka tsona;


Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.


Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.


O hane meswaso ya dipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamayang ka tsona ba tla nne ba fetele nyefolong e fetisang;


Ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa tsa mahong di teng le tsona tsa letsopa; tse ding ke tse hlomphuwang, tse ding ke tse sa hlomphuweng.


motho wa Modimo a tle a phethehe, mme a rutehele ruri mesebetsing yohle e molemo.


Luka o ho nna a nnotshi. O ntlele le Mareka, o mo tlise, hobane o molemo ho nna tshebetsong ya lentswe.


O ba hopotse ho utlwa dihlooho le marena, ho ya ka melao, ho lokela mesebetsi yohle e metle;


Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Mme e mong le e mong ya nang le tshepo eo ho wona, o a itlhwekisa, jwalokaha le wona o hlwekile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ