Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 23:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Davida yena o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le Bethlehema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Davida o ne a le ka qhobosheaneng ha lebotho la Bafilesita lona le le Betlelehema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 23:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ragele a shwa jwalo, mme a epelwa tseleng e yang Efrata, e leng yena Bethlehema.


Bafilesta ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Iseraele, ba futuha bohle ho ya lwantsha Davida; mme Davida ha a utlwa, a kena qhobosheaneng.


Ho bara ba Benjamine le ba Juda, ha tla ba bang, ba fihla ho Davida seqhobong.


Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.


Mohlang oo, ba qhobosheaneng ya Bafilesta ba tswela lekgalong la Mikmashe.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa hobane Saule o qhadile ba qhobosheaneng ya Bafilesta, le hobane Baiseraele kaofela ba fetohile ntho e nkgang hampe ho Bafilesta, setjhaba sa memelwa ho Saule, Gilgale.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Ebile Davida o tloha teng, a balehela lehaheng la Adullame; mme banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ha ba utlwa, ba theohela teng ho yena.


Ebile Davida o hlapanyetsa Saule, Saule a ntoo kgutlela hae, Davida yena le banna ba hae ba boela diqhobong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ