50 Ka baka leo, ke tla o roka ditjhabeng, Jehova, ke rorise kganya ya lebitso la hao.
50 “Ka baka leo, ke tla o boka hara ditjhaba, ke roke lebitso la hao, Morena.
O sitsa morena wa hae ka poloko e kgolo, o etsa mohau ho motlotsuwa wa hae, ho Davida, le ho moloko wa hae, ka ho sa feleng.
Hobane mohau wa hao o phahame hodimo ho mahodimo, mme nnete ya hao e fihla marung.
Ka baka leo, Jehova, ke tla o roka hara ditjhaba, ke rorise kganya ya lebitso la hao.
le hore baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo, ka baka la mohau wa wona; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka leo, ke tla o tumisa hara baditjhaba, ke binele lebitso la hao dipesaleme.