Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 21:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Kamora tseo, Bafilesta ba boela ba lwana Gobe. Teng, Sibbekai wa Hushathe a bolaya Safe wa mofuta wa Barefaime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Kamora tsena, Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa Gobe. Sibekai wa Mohusha a bolaya Safe, eo e neng e le e mong wa diqhobane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 21:18
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.


Hapehape, ntwa e nngwe ya lwana Gathe; teng, ha hlaha monna e molelele eo seatla se seng le se seng sa hae se nang le menwana e tsheletseng, le leoto le leng le le leng la hae le nang le menwana e tsheletseng, e etsa mashome a mabedi a metso e mene ha e balwa. Le yena e ne e le wa mofuta wa Barefaime.


Bao ba bane e be e le ba mofuta wa Barefaime ba Gathe; ba eshwa ka matsoho a Davida le ka matsoho a bahlanka ba hae.


Kgweding ya boroba meno e le mmedi, molaodi wa boroba meno e le mmedi e ne e le Sibbekai wa Husha, wa Baserake; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ