Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tse jwalo, le etse ka mafolofolo hore le tle le fumanwe ho yena le le kgotsong, le se na sekodi, le se na sekodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tse jwalo, le etse ka mafolofolo hore le tle le fumanwe ho yena le le kgotsong, le se na sekodi, le se na sekodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 3:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ha ba re ho lona: Bonang, o nahathothe, le se ke la tswela teng; kapa ha ba re: Bonang, o phaposing ya ntlo, le se ke la dumela.


Yaba barwetsana bao kaofela ba tsoha, ba lokisa dilampi tsa bona.


Ho lehlohonolo mohlanka eo, etlareng ha morena wa hae a etla, a mo fumane a ntse a etsa jwalo.


Jwale, Monghadi, o lese mohlanka wa hao, a ye ka kgotso, ka polelo ya hao;


e leng yena ya tlang ho le tiisa ho isa qetellong, le tle le be ba sa tlong ho nyatsuwa letsatsing la Morena wa rona Jesu Kreste.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;


le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;


Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;


a tle a tiise dipelo tsa lona; di hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste hammoho le bahalaledi ba hae bohle.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


Boloka molao oo, o se na letheba, leha e le sekodi, Morena wa rona Jesu Kreste a tle a be a fihle,


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Baratuwa, e se e le lengolo la bobedi leo ke le ngollang lona; mme ka wona a mabedi ke ntse ke re, ke a le hopotsa hore ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng;


jwalokaha a ngola mangolong a hae wohle, moo a bolelang tse jwalo; empa ho wona ho na le ditaba tse ding tse thata, tseo ba sa rutehang le ba tetemang ba di kgopamisetsang tahleho ya bona, jwalokaha ba etsa mangolo a mang.


Mme e mong le e mong ya nang le tshepo eo ho wona, o a itlhwekisa, jwalokaha le wona o hlwekile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ