Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa re lebeletse, ka pallo ya wona, mahodimo a matjha le lefatshe le letjha moo ho loka ho ikahetseng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ka ho ya ka tshepiso ya Modimo, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ahileng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Empa rona, ho ya ka pallo ya wona, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ikahetseng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa rona, ho ya ka pallo ya wona, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ikahetseng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 3:13
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Hobane bonang, ke ya bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; tse fetileng ha di sa tla hlola di hopolwa, di ke ke tsa kgutlela mehopolong.


Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.


Hobane jwalokaha mahodimo a matjha, le lefatshe le letjha leo ke seng ke tla le bopa, a tla hlola a le teng pela ka, ho bolela Jehova, leloko la lona le lebitso la lona le tla nne le be teng pela ka.


tshepo e ntse e le teng ya hore le tsona tse bopilweng di tla hollwa bohlankeng ba tshenyeho, di tle di be tokollong ya kganya ya bana ba Modimo.


mme ha ka tseo a re sitsitse jwalo ka dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore ka tsona le be le kabelo ho seo Modimo o leng sona, ka ho hloboha ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso;


Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha; hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, le lona lewatle le ne le se le le siyo.


Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ