Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 le ntse le lebeletse, mme le akofisa ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla fediswa ke ho tjha ka lona, mme metheo e tla qhibidiha ke ho tjha!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 ha le ntse le lebeletse letsatsi la Modimo, mme le etsa hore le tle ka potlako; e leng leo ka lona mahodimo a tla fediswa ka mollo, mme dintho di qhibidiswe ke motjheso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Le ntse le lebeletse, mme le potlakile ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla qhibidiswa ke ho cha, le metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Le ntse le lebeletse, mme le potlakile ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla qhibidiswa ke ho cha, le metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 3:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o a tla, Modimo wa rona, o ke ke wa kgutsa; o etellwa pele ke mollo o timeletsang, o teetswe hare ke sefefo se tshabehang.


Lefatshe le a thuhakanngwa, lefatshe le kunngwa dikoto, lefatshe le sisinyeha hohle.


Makgotla kaofela a mahodimo a tla qhibiliha; mahodimo a tla menwa jwaloka buka e ngodilweng, makgotla a wona a wele fatshe jwaloka mahlaku a morara ha a foforeha, le jwaloka mahlaku a sefate sa feiye ha a pona.


dithaba di tla qhibidiha katlasa hae, dikgohlo di petsohe, jwaloka makgeha a dinotshi ha a le pela mollo, le jwaloka metsi a tsholletsweng motheong.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.


Jwale, haele moo ntho tseo tsohle di abetswe ho fediswa, e ka kgona le be batho ba matla hakakang diketsong tse halalelang tsa borapedi;


ba soma, ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? Hobane, haesale ho eshwa bontate moholo, ntho tsohle di sa ntse di tiile, di sa le jwaloka qalong, ha di hlolwa.


Haele mahodimo a jwale le lefatshe la jwale, di boloketswe mollo ke lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo, le la tshenyeho ya batho ba nyefolang.


le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore le fuwe bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ