Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane ho ne ho ka fetisa ka molemo ho bona hore ba se ke ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le hore ba kgelohe molao o halalelang oo ba o neilweng, ha ba se ba o tsebile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ne ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le hore, ha ba se ba e tsebile, ba kwenehele ditaelo tse halalelang tseo ba di neilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ka be ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le ho e tseba, ba kgelohe taelo e halalelang eo ba e neilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ka be ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le ho e tseba, ba kgelohe taelo e halalelang eo ba e neilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 2:21
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


Ke tla mamela se bolelwang ke Modimo Jehova; hobane o re, kgotso e be ho setjhaba sa wona, le ho bakgethwa ba hae, ba mpe ba se ke ba kgutlela bohlanyeng!


Tseleng ya ho loka bophelo bo teng, mme mmileng wa hona ho na le ho se shwe.


Moriri o moputswa, ha o fumanwa tseleng ya ho loka, ke mokgabo wa hlompho.


Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.


Ka mmona ha a itshilafatsa, e le ka mokgwa o le mong ho bona ba babedi.


Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Ekare ha ke bolella ya lokileng hore o tla phela, ... ha a ka itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, ho loka hohle ha hae ha ho ka ke ha hopolwa, empa o tla shwa ka bokgopo boo a bo entseng.


le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.


Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.


Mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a sa ka a lokisa letho, le ho etsa thato ya morena wa hae, o tla otlwa haholo.


Hojane ke se ke ka tla, ka bua le bona, ba ka be ba se na sebe; empa jwale, ha ba na seo ba ka qobeletsang sebe sa bona ka sona.


Hojane le difofu, le ka be le se na sebe; empa jwale le re: Re a bona; sebe sa lona se sala ke hona.


Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.


Jarelanang diphahlo, mme le phethe jwalo molao wa Kreste.


Le tswe le tseba ditaelo tseo re le neileng tsona ka Morena Jesu.


Boloka molao oo, o se na letheba, leha e le sekodi, Morena wa rona Jesu Kreste a tle a be a fihle,


Hobane ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filwe tsebo ya nnete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa dibe;


Efela ya tsebang ho etsa botle, mme a sa bo etse, yena o etsa sebe.


le tle le hopole ditaba tse boletsweng pele ke baporofeta ba halalelang, le molao wa Morena Mmoloki, oo le o beetsweng ke baapostola ba lona;


Baratuwa, erekaha ke tjhesehela ho le ngolla taba tsa poloko, eo re e hlahiseditsweng hammoho, ke phehellwa ke pelo ho etsa jwalo, ke tle ke le kgothatse ho lwanela tumelo eo bahalaledi ba ileng ba e fuwa ka nako e le nngwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ