Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ke tswe ke tseba hobane nako ya ka ya ho tloha kapele motlotlwaneng wona e se e le haufi, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a kile a ntsebisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 hobane ke a tseba hore haufinyane ke tla falla bophelong bona, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a ntsebisitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 ke ntse ke tseba hore haufinyane ke tlameha ho tlosa tabernakele ea ka, feela joalokaha Morena oa rōna Jesu Kreste a ile a mpontša.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 ke ntse ke tseba hore haufinyane ke tlameha ho tlosa tabernakele ea ka, feela joalokaha Morena oa rōna Jesu Kreste a ile a mpontša.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 1:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.


Simone Petrose a re ho yena: Morena, o ya kae? Jesu a mo araba, a re: Moo ke yang teng, o ka sitwa ho ntatela jwale; empa hamorao o tla ntatela teng.


Mme jwale bonang, ke a tseba hobane, haele lona kaofela, bao ke tsamaileng ke bolela Evangeli hara lona, ha ho e mong ya tla boela a bone sefahleho sa ka.


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.


Hobane, haele nna, ke se ke tla etswa sehlabelo, mme nako ya ho falla ha ka e se e le haufi.


Bonang, kajeno ke ya ka tsela ya lefatshe lohle. Le a itsebela pelong tsa lona bohle le meyeng ya lona bohle hobane ha ho ntho leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle di etsahetse ho lona, ha ho e nngwe ya tsona e hlokahetseng.


Ke fela ke lekanya hobane, ha ke sa ntse ke le motlotlwaneng ona, ke tshwanetse ho le tsosa ka ho le hopotsa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ