Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Ka baka leo, banabeso, itekeng ka ho fetisisa ho tiisa pitso le kgetho ya lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka baka leo, banabeso, itekeng ka ho fetisisa ho tiisa pitso le kgetho ya lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 1:10
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane a ke ke a sisinngwa le ka mohla o le mong, ya lokileng o tla hopolwa ka ho sa yeng kae.


A ke ke a leseletsa leoto la hao ho kgothometseha; molebedi wa hao a ke ke a otsela.


ha a adime tjhelete ya hae ka phahello, ha a amohele mpho ho tswa ya se nang molato. Ya etsang jwalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa yeng kae.


leha a ka wa, ha a welle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.


Ruri, ke wona lefika la ka le thuso ya ka, qhobosheane ya ka e phahameng; nke ke ka sisinyeha.


Ke lefika la ka ruri le thuso ya ka; ke qhobosheane ya ka: nke ke ka sisinyeha.


Ho lehlohonolo motho ya etsang hoo, le ngwana motho ya tiisetsang teng, ya bolokang Sabatha, a tle a se ke a e silafatsa, mme a tshabisa letsoho la hae, le tle le se ke la senya le hanyenyane!


O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.


Hobane ba bitswang ba bangata, empa ba kgethilweng ha ba bakae.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


Empa re rata hoba e mong le e mong a ka nna a hlahisa tjheseho yona eo ho isa qetellong, tshepo ya lona e tle e phethehe;


Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;


Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.


Ba boela ho Joshua, ba re ho yena: Ho se ke ha ya setjhaba kaofela; ho ye banna ba ka bang kete tse pedi, kapa tse tharo, ba futuhele Ai; o se ke wa kgathatsa setjhaba kaofela, etswe ba se bakae.


ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.


lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.


Haele moo matla a hae, e leng matla a Modimo, a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bitsitseng ka kganya le ka matla a hae;


jwale le lona, le ke le ntsheletse hona hoo matla wohle a lona, le eketse tumelo ya lona ka matla, le matla a eketswe ka tsebo,


Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.


Haele lona, baratuwa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tshohe le hulanngwa le ba bang ke thetso ya ba manyala bao, mme la timellwa ke ho tiya ha lona;


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, ba tle ba lokele ho ja sefate sa bophelo, mme ba kene motseng ka menyako ya wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ