Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O tla timetsa ba ntlo ya Akabe, monga hao, ke tle ke phetetse ho Jesebele madi a baporofeta, bahlanka ba ka, le madi a bahlanka bohle ba Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 O bolaye ba lelapa la monga hao Akabe, e le hore ke phetetse madi a bahlanka ba ka, baporofeta, le madi a bahlanka bohle ba Morena, ba bolailweng ke Jesabele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:7
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.


Jesebele, ha a utlwa hobane Nabothe o tlepeditswe, mme o shwele, a re ho Akabe: Tloha, o nke tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele, eo a hanneng ho o nea yona bakeng sa tjhelete; hobane Nabothe ha a sa le yo, o shwele.


Bona, ke tla o hlahisetsa bomadimabe, ke o hlakole, ke timetse le ba Akabe ba batona, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng.


Ha ho a ka ha eba e mong ya ineetseng ho etsa hampe mahlong a Jehova jwaloka Akabe, a kgannilwe ke Jesebele, mosadi wa hae.


Tsebang jwale hore ha ho taba le e nngwe eo Jehova a e boletseng hodima ntlo ya Akabe, e tla wela fatshe; Jehova o entse seo a se boletseng ka Elia, mohlanka wa hae.


Jehu a bolaya le bohle ba setseng Jisreele ba ntlo ya Akabe, le baholo ba ha hae bohle, le metswalle ya hae, le matona a hae, a se ke a mo tlohella le a mong ya salang.


Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.


le ka ho utlwa mantswe a bahlanka ba ka, baporofeta, bao ke nnileng ka ba romela ho lona, bao ke nnileng ka ba roma ke tsoha e sa le hosasa, le mpa le sa ka la ba utlwa;


madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.


Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.


Hobane morena ke mohlanka wa Modimo ho o isa botleng. Empa ekare ha o etsa hampe, tshaba; hobane morena ha a tshwara sabole feela; hobane ke mohlanka wa Modimo, le mophetetsi ya beilweng ho otla ya etsang bobe.


Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.


Etsang ditlatse tsa thabo, lona ditjhaba, hammoho le setjhaba sa hae; hobane o ya pheteletsa madi a bahlanka ba hae, a itefetse ho dira tsa hae; mme o tla etsetsa lefatshe la hae le setjhaba sa hae pheko.


Etswe re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke tla ipheteletsa e le nna, ho itswalo ke Morena. Mme hape ho itswe: Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.


Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena; ke hobane o dumella Jesebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, mme ba je dinama tse hlabetsweng medimo ya bohata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ