Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jehu a tloha, a kena ka tlung, mme moporofeta a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o tlotsitse ho ba morena wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jehu a ema, a kena ka tlung; mohlankana a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya setjhaba sa Morena, e leng sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:6
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.


Tsamaya, o re ho Jeroboame: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o phahamisitse hara setjhaba, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;


Erekaha ke o phahamisitse, ka o ntsha leroleng, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele, mme o ile ka mehlala ya Jeroboame, wa sebisa setjhaba sa ka sa Iseraele, ke tle ke halefiswe ke dibe tsa bona.


O tlotse le Jehu, mora Nimshi, ho ba morena wa Iseraele; o tlotse le Elisha, mora Shafathe, wa Abele-Mehola, ho ba moporofeta tulong tsa hao.


Mme mohlanka wa hao o hara setjhaba sa hao seo o se kgethileng; ke setjhaba se seholohadi, se ke keng sa lekanngwa, se ke keng sa balwa ka baka la bongata ba batho ba sona.


Jwale o nke lenaka la ole, o mo tshele yona hloohong, o re: Ho itswe ke Jehova: Ke o tlotsitse ho ba morena wa Iseraele. O ntoo bula lemati, o balehe, o se ke wa dieha.


Ha a fihla, a bona balaodi ba makgotla ba dutse, a re: Ke na le taba le wena, monghadi. Jehu a re: Le mang ho rona moo? A re: Le wena, monghadi.


Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.


o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


Hobane kahlolo ha e tswe botjhabela, leha e le bophirimela, leha e le lefeelleng;


Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:


Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.


Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane.


o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Jehova o a fumanehisa, mme o a ruisa, o a kokobetsa, mme o a phahamisa.


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ