4 Ebile mohlankana eo wa moporofeta o ya Ramothe-Gileade.
4 Jwale mohlankana enwa wa moporofeta, a ya Rama e Gileade.
Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.
Yaba moporofeta Elisha o bitsa e mong wa bara ba baporofeta, a re ho yena: Itlame letheka, o nke lenaka la ole letsohong la hao, o ye Ramothe-Gileade.
Ha a fihla, a bona balaodi ba makgotla ba dutse, a re: Ke na le taba le wena, monghadi. Jehu a re: Le mang ho rona moo? A re: Le wena, monghadi.