Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 mme setopo sa Jesebele se tla ba jwaloka kgapane hodima lefatshe, naheng ya Jisreele, ho tle ho se ke ha thwe: Ke yena Jesebele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Mosohlo wa hae o tla tlalatlala hara tshimo ya Jesereele, jwaloka kgapane hara naha, hoo batho ba sa tlo hlola ba tseba le ho re: Enwa ke Jesabele!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:37
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba feletseng Ene-Dore, mme ditopo tsa bona tsa nontsha mobu!


O etse mahosana a bona a be jwaloka Orebe le Seebe, le marena a bona kaofela a be jwaloka Seba le Tsalmunna;


Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.


O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.


Tsatsing leo, ba hlabilweng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, ba sa llelwe, ba sa phuthelwe, ba sa epelwe; e tla ba moitedi hodima lefatshe.


Ba ya ho morena ka lebaleng; maqephe ba a bea ka kamoreng ya Elishama mongodi, mme ba tsebisa morena ditaba tseo kaofela.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, masapo a marena a Juda, le masapo a matona a hae, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema, a tla ntshwa mabitleng a bona;


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


Ere: Ho itswe ke Jehova: Le ditopo tsa batho di tla wa, di be jwaloka moitedi naheng, le jwaloka diqwapi tseo mokotudi a di siileng, ho se ya di thonakang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ