Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 A re: Mo diheleng. Ba mo dihela, madi a mang a hae a qatohela lerakong le dipereng; mme a mo hatakela ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 A re ho bona: “Mo lahleleng fatshe!” Ba mo lahlela fatshe. Madi a mang a hae a qaphaletsa lerako, le dipere, mme kariki ya ntwa le dipere tsa mo kgobotlela ka ditlhako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:33
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba motse, e leng baholo le mahosana a ahileng motseng wa Nabothe, ba etsa kamoo Jesebele a rometseng ho bona kateng, le kamoo ho ngodilweng mangolong kateng ao ba a rometsweng.


Ha fela ha eba jwalo ho yena, hobane setjhaba sa mo hatakela kgorong, a shwa.


kamoo Jehova a itseng kateng: Kannete maobane ke bone madi a Nabothe le madi a bara ba hae. Ke tla iphetetsa ho wena hona tshimong eo. Ho itswalo ke Jehova. Mo nke ke hona, o mo lahlele tshimong, jwalokaha Jehova a boletse.


Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.


A ntoo kena, a ja, a nwa; a ba a re: Nkang mosadi yane ya soto, le mo epele, hobane ke moradi wa morena.


Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.


O hataketswe ka maoto, ka maoto a basenyehi, le ka maoto a bahloki.


Morena o nyedisitse dinatla tsa ka kaofela ka ha eso, o memile ntwa ho robakanya bahlankana ba ka; Morena o hatile morwetsana, moradi wa Juda, sehatelong.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.


Le letswai la lefatshe; empa ekare ha letswai le tapa, le ka nokwa kang? Ha le sa na mosebetsi, le se le ka mpa la lahlelwa kantle, la hatwa ke batho.


ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ