Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:32
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehu, ha a kena ka kgoro, Jesebele a re: Na ke kgotso, wena Simri, mmolai wa monga hao?


A re: Mo diheleng. Ba mo dihela, madi a mang a hae a qatohela lerakong le dipereng; mme a mo hatakela ka maoto.


O tla timetsa ba ntlo ya Akabe, monga hao, ke tle ke phetetse ho Jesebele madi a baporofeta, bahlanka ba ka, le madi a bahlanka bohle ba Jehova.


Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


mme motseng o mong le o mong a bea dithebe le marumo; a etsa metse e thata haholoholo. Haele Juda le Benjamine, e ne e le ba hae.


Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,


Haele Esthere, moradi wa Abikaile, maloma Mordekai, ya neng a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae, mohla ho fihlang nako ya hae ya ho kena ho morena, ha a ka a kopa letho haese seo a neng a se boleletswe ke Hegai, tona ya morena, modisa wa basadi; mme Esthere o ne a fumana mohau ho bohle ba mmonang.


Mehleng eo, Mordekai ha a sa ntsane a dutse pela monyako wa morena, Bigthane le Thereshe, matona a mabedi a morena, e leng balebedi ba menyako, ba hlonamela morena, mme ba leka ho isa matsoho a bona ho morena Assueruse.


Jehova o nkemetse; ha ke tshabe letho, motho a ka nketsang?


Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?


Yaba Moshe o ya ema monyako wa diahelo, a re: Mang le mang ya reng ka Jehova a tle ho nna! Yaba bara ba Levi ba phuthehela ho yena.


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ