Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jwale o nke lenaka la ole, o mo tshele yona hloohong, o re: Ho itswe ke Jehova: Ke o tlotsitse ho ba morena wa Iseraele. O ntoo bula lemati, o balehe, o se ke wa dieha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ebe o nka lenaka lena la ole, o e tshela hodima hlooho ya hae, o re: ‘Morena o bua tjena: Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.’ Jwale o bule monyako, o balehe, o se ke wa dieha.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:3
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


O tlotse le Jehu, mora Nimshi, ho ba morena wa Iseraele; o tlotse le Elisha, mora Shafathe, wa Abele-Mehola, ho ba moporofeta tulong tsa hao.


Hasaele a re: Mohlanka wa hao keng haele moo ke le ntja feela, hore ke etse tse kalo? Elisha a re: Jehova o mpontshitse hobane o tla ba morena wa Siria.


Jehu a tloha, a kena ka tlung, mme moporofeta a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o tlotsitse ho ba morena wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele.


Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.


O tla nka ole ya setlolo, o e tshollele hloohong ya hae, mme o mo tlotse jwalo.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;


A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.


ha tla ho yena mosadi ya nang le pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo se theko e thata, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a dutse dijong.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Ebile Samuele o re ho Saule: Jehova o ne a nthome ho o tlotsa, hore o be morena wa setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, mamela taba tsa molomo wa Jehova.


Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?


Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova.


Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ