Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 kamoo Jehova a itseng kateng: Kannete maobane ke bone madi a Nabothe le madi a bara ba hae. Ke tla iphetetsa ho wena hona tshimong eo. Ho itswalo ke Jehova. Mo nke ke hona, o mo lahlele tshimong, jwalokaha Jehova a boletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 ‘Ruri, maobane ke bone madi a Nabote, le madi a bara ba hae,’ ho rialo Morena: ‘Ke tla a phetetsa ka ho sebedisa wena, hona tshimong ena,’ ho rialo Morena. Ka baka lena he, mo nke, o mo lahlele hara tshimo, ho ya ka polelo eo ya Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:26
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.


Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.


Sebohodi sa pheta sa re: O fihlile ho bona, empa ha a boye; ho kgemisa ha bona eka ho kgemisa ha Jehu, mora Nimshi, hobane o kgemisa ka bohale.


Jehu a re ho Bidkare, tona ya hae: Mo nke, o mo lahlele tshimong ya Nabothe wa Jisreele; hopola hobane, mohla re neng re kaletse hammoho le wena, re latetse Akabe ntatae, Jehova o boletse tsuo hodima hae,


Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.


A mpa a se ke a bolaya bana ba bona, jwalokaha ho ngodilwe molaong, bukeng ya Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, mme bana le bona ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona, empa e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.


Nkgauhele, Jehova; bona bomadimabe boo ba ntlhoileng ba nkgatakelang ka bona, wena ya nnyollang menyakong ya lefu,


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Lona le re: Mora motho eo ha a jare keng molato wa bokgopo ba ntatae hammoho le yena? Tjhe, mora hae o entse ka taelo le ka ho loka, o bolokile dikomelo tsohle tsa ka, o ile ka tsona; efela o tla phela.


O reretse ntlo ya hao dihlong, ka ho rera ho timeletsa ditjhaba tse ngata, o sitetswe moya wa hao.


Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa; hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ