Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa Jehu a fula ka seqha, a hlaba Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa tla tswa pelong ya hae; mme a wela koloing ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:24
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya tla qoba lerumo la Hasaele, o tla bolawa ke Jehu; ya qobang lerumo la Jehu, Elisha o tla mmolaya.


Ana o bona kamoo Akabe a ikokobetsang kateng, pela ka na? Erekaha a ikokobeditse pela ka, nke ke ka hlahisa bomadimabe tshiung tsa hae; ke tla hlahisetsa ntlo ya hae bomadimabe mehleng ya mora hae.


Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.


Ntwa ya befa tsatsing leo, morena yena a emiswa koloing ya hae, mabapa le Basiria. Yare mantsiboya a shwa, madi a tswang leqebeng la hae a ntse a dutlela ka koloing.


Ba mpa ba tshaba haholoholo, ba re: Marena a mabedi a sitilwe ho ema pela hae; rona re ka ema jwang?


Ka hosasa, a tswa, a ya ema teng, a re ho setjhaba sohle: Le lokile! Bonang, ke fetohetse monga ka, ka mmolaya; empa bao bohle ke mang ya ba bolaileng?


Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Etlare ha ba re ho yena: Ke ang maqeba ana a hara matsoho a hao? o tla re: Ke ao ke a entsweng tlung ya metswalle ya ka.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ