Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?” Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:22
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.


Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.


Ha ho a ka ha eba e mong ya ineetseng ho etsa hampe mahlong a Jehova jwaloka Akabe, a kgannilwe ke Jesebele, mosadi wa hae.


Yaba mokalli o tloha, a ya kgahlanyetsa Jehu, a re: Ho itswe ke morena: Na ke kgotso na?


o mpile wa tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, mme wa kgannela Juda le baahi ba Jerusalema bohloleng, jwalokaha ntlo ya Akabe e ntse e kgannela Baiseraele bohloleng bo jwalo, o bile wa bolaya le banabeno, ba ntlo ya ntatao, ba neng ba o feta ka molemo;


nako e teng ya ho rata, e teng nako le ya ho hloya; nako e teng ya ntwa, e teng nako le ya kgotso.


Ke ka baka la bootswa bo boholo ba seotswa se kgahlisang, moloi ya rekisang ditjhaba ka bootswa ba hae, le meloko ka boloi ba hae.


Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.


Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae.


Samuele a etsa ka polelo ya Jehova; a ya Bethlehema. Ebile baholo ba motse ba mo kgahlanyetsa ba tshohile, ba re: Na o tlile ka kgotso na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ