Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Morena Jorame o ne a kgutletse Jisreele, a ile ho phekoloa teng maqeba ao Basiria ba neng ba mo hlabile wona, mohla a lwantshang Hasaele, morena wa Syria. Jehu a re: Ha le hopola jwalo, ho se ke ha eba le a mong ya tswang motseng, leha e le ho thoba, ho ya tsebisa ba Jisreele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Empa kgosi Jorame yena o ne a kgutletse Jesereele ho ya ikoka maqeba ao a neng a a ntshitswe ke Baarame, ha a ne a lwana le Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Jehu o re: “Haeba le dumela jwalo, hlokomelang hore ho se be motho ya ka nyenyelepang, a tswa motseng mona, a ya bolela taba ena kwana Jesereele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:15
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong, ba ya Ramothe-Gileade le Jorame, mora Akabe, ho lwantsha Hasaele, morena wa Siria; empa Basiria ba hlaba Jorame.


Ebile morena Jorame o kgutlela Jisreele ho phekolwa maqeba ao Basiria ba mo hlabileng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria, mme Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele, ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.


A kgutlela Jisreele ho ya phekolwa maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria; mme Asaria, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ