Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Jwale Jehu, mora wa Jehoshafate, setloholo sa Nimeshi, a rera Jorame. Ka nako ena bo-Jorame le Baiseraele bohle ba ne ba lebetse motse wa Rama e Gileade, hore Hasaele, kgosi ya Arame a se ke a o hapa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Baesha, mora Akija, wa ntlo ya Issaskare, o a mo fetohela; mme Baesha a mmolaya Gibbethone wa Bafilesta; ke ha Nabathe le Baiseraele bohle ba futuhetse Gibbethone.


Setjhaba se lwantshang Gibbethone, eitse ha se utlwa ho thwe: Simri o fetohetse morena, o mmolaile tsatsing lona leo, Baiseraele bohle ba diahelong ba bea Omri, molaodi wa makgotla, e be morena wa Iseraele.


Lentswe la Jehova la tla jwalo ka moporofeta Jehu, mora Hanani, hodima Baesha le ntlo ya hae, ka baka la bobe boo a bo entseng mahlong a Jehova, kamoo a kileng a mo halefisa kateng ka mesebetsi ya matsoho a hae, a le jwaloka ba ntlo ya Jeroboame, a mo halefisitse le ka ho e timetsa.


Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.


Morena wa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: Ana ha le tsebe hobane Ramothe-Gileade ke wa rona; re kgutseditseng, re sa o amohe morena wa Siria?


Ka hosasa, a tswa, a ya ema teng, a re ho setjhaba sohle: Le lokile! Bonang, ke fetohetse monga ka, ka mmolaya; empa bao bohle ke mang ya ba bolaileng?


Ke bahlanka ba hae, Josakare, mora Shimeathe, le Josabade, mora Shomere, ba mmolaileng; a shwa, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.


Mohlomong, ba ya Ramothe-Gileade le Jorame, mora Akabe, ho lwantsha Hasaele, morena wa Siria; empa Basiria ba hlaba Jorame.


Ebile morena Jorame o kgutlela Jisreele ho phekolwa maqeba ao Basiria ba mo hlabileng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria, mme Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele, ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.


Etlere ha o fihla teng, o batle Jehu, mora Josafate, mora Nimshi; o ntano kena, o mo tlose hara banababo, o be o mo kenye kamoreng e kathoko.


Jehu, ha a kena ka kgoro, Jesebele a re: Na ke kgotso, wena Simri, mmolai wa monga hao?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ