Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehu a tswela ho bahlanka ba monga hae. Ba re ho yena: Na ke kgotso na? Lehlanya leno le ne le tletseng ho wena? A re ho bona: Le a mo tseba monna eo le puo tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale Jehu a tswa, a ya ho bahlanka ba monga hae. E mong a re ho yena: “Molato keng? Lehlanya lee le tlile ho wena ka dife?” Jehu a re ho bona: “Le ntse le mo tseba, le dipuo tsa hae le a di tseba.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:11
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna wa Modimo, ha a mmona a sa le hole, a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bona, mosadi wa Shuneme ke yane. Titima, o mo kgahlanyetse, o re ho yena: Hleka o sa dutse hantle, le monna wa hao o sa dutse hantle, le ngwana o sa dutse hantle na? A re: Re dutse hantle.


Ebile Gehasi o phallela Naamane. Naamane ha a mmona a mo phalletse, a tlola koloing, a mo kgahlanyetsa, a re: Na ho dutswe hantle?


Ba mpa ba re: O leshano; re bolelle. A re: O mpoleletse ka hore le hore, o itse: Jehova o re: Ke o tlotsitse ho ba morena wa Iseraele.


Ho bo ho eme sebohodi hodima tora ya Jisreele; sa bona sehlopha sa Jehu se etla, sa re: Ke bona sehlopha. Jorame a re: Ho nkwe mokalli e mong, a romelwe ho ba kgahlanyetsa, a re: Na ke kgotso na?


Jehu a re: O na le taba efe le kgotso? Fetela kamorao ho nna. Sebohodi sa howa, sa re: Lenqosa le fihlile ho bona, empa ha le boye.


Etlere ha o fihla teng, o batle Jehu, mora Josafate, mora Nimshi; o ntano kena, o mo tlose hara banababo, o be o mo kenye kamoreng e kathoko.


Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.


Nnete e a hlokahala, e mong le e mong ya tshabang bobe o a tlatlapuwa. Jehova o bone hoo, mme e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse.


Jehova o o beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore o nne o be mohlahlobi ka tlung ya Jehova bakeng sa motho e mong le e mong ya hlanyang, ya iketsang moporofeta, hore o tle o mo kenye metshwasong le teronkong.


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


Bahabo ha ba utlwa hoo, ba tswela ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: Ha a sa ikutlwa.


Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na?


Yaba bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba fetolana le yena; ba bang ba ne ba re: Na mobuabui eo o reng? ba bang ba re: Eka o bolela medimo esele. E ne e le ka baka la hobane a ne a ba bolella Jesu le tsoho ya bafu.


A re a sa ikarabela ka taba tseo, Festuse a phahamisa lentswe, a re ho yena: O a hlanya, Pauluse, tsebo e kgolo ya hao e o fetohetse bohlanya.


Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.


Hobane ha re hlanya, re hlanyetsa Modimo, mme ha re ena le ditaba, ke ka baka la lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ