Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hasaele a ya, a mo kgahlanyetsa, a tshwere mpho eo, e le tsohle tse molemo tsa Damaseka, tse belesitsweng dikameleng tse mashome a mane; a ya, a ema pela hae, a re: Ben-Hadade, mora hao, morena wa Siria, o nthometse ho wena, a re: Ana ke tla fola lefung lena na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Hasaele a ya ho moporofeta, a mo isetsa mpho ya dintho tsohle tse ntle, tsa Damaseka: E le diphahlo tse bofilweng dikameleng tse mashome a mahlano. Hasaele a fihla a ema kapele ho moporofeta, a re: “Mora wa hao, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o nthomile ho wena, o re: ‘Na ke tla fola?’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nke mahobe a leshome le dinkgwa le pitsa ya dinotshi ka matsoho a hao, mme o kene ka ho yena; o tla o bolella se tla hlahela ngwana.


Yaba Asa o nka silefera yohle le kgauta tse setseng polokelong ya ntlo ya Jehova le polokelong ya ntlo ya morena, a di bea matsohong a bahlanka ba hae. Morena Asa a di romela ka bona ho Ben-Hadade, mora Tabrimmone, mora Hesione, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:


Jehova a re ho yena: Kgutla, o ye Damaseka, ka tsela e yang lefeelleng; etlare ha o le teng, o tlotse Hasaele ho ba morena wa Siria.


Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?


Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!


Ebile Akase o romela manqosa ho Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a re: Ke mohlanka wa hao le mora hao; tloo, o nnamolele matsohong a morena wa Siria le matsohong a morena wa Iseraele, ba ntsohetseng matla.


Yaba bahlanka ba hae ba mo atamela, ba mmolella, ba re: Ntate, hojane moporofeta a o laetse ntho e kgolo, ha re re, o ka be o e entse na? Haholo ha a itse ho wena: Ya itlhatswa, o hlweke.


Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.


Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?


nako e teng ya ho batla, e teng nako le ya ho lahlehelwa; nako e teng ya ho boloka, e teng nako le ya ho lahla;


empa ha ke a ka ka rata ho etsa letho ke eso ho tsebe molomo wa hao, hore botle boo ba hao bo se ke ba etswa ke wena ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho ithatela ha hao.


Leha o ka botsa bahlanka ba hao, ba tla o bolella. Ha ho le jwalo, bahlankana bao ba ka ba ke ba bone mohau ho wena, hobane re hlahetswe ke tsatsi le letle; ke a o kopa, ke re, o nee bahlanka ba hao le mora hao Davida seo o tla iphihlela o ena le sona.


Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: Empa, ha o bona, leha re ka ya, monna eo re ka mo isetsang? Hobane bohobe bo neng bo le mekotleng ya rona bo fedile, mme ha re na mpho eo re ka e neang monna wa Modimo; re na le eng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ