Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yare a sa phetela morena kamoo a neng a tsositse mofu kateng, ha hlaha mosadi eo mora hae a tsositsweng, a tla rapela morena ka baka la ntlo ya hae le la masimo a hae. Gehasi a re: Oho, morena, monga ka, ke yena enwa mosadi le mora hae, eo Elisha a mo tsositseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Yare a sa ntsane a bolella kgosi kamoo Elisha a neng a tsose motho bafung kateng, mosadi eo mora wa hae a neng a tsoswe bafung a fihla, a ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae. Yaba Gehasi o re: “Monga ka, kgosi ya ka, mosadi eo ke yena enwa, le enwa ke yena mora wa hae, eo Elisha a neng a mo tsose bafung.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ben-Hadade, morena wa Siria, a bokella makgotla wohle a hae, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi, le dipere, le makoloi; a nyoloha, a futuhela Samaria, a o thibella.


A re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa; a tla, a ema pela hae.


A nna a tloha, a itsamaela ka tlung, a boela a nyoloha, a ikotlolla hodima hae; jwale ngwana a ethimola hasupa, mme ngwana a tutubolla mahlo a hae.


E mong wa bahlanka ba hae, a re: Oho, morena, monga ka, ha o yo; ke Elisha, moporofeta ya Iseraeleng, ya isang ho morena wa Iseraele le mantswe a buwang ke wena kamoreng ya hao ya ho robala.


Morena wa Iseraele, ha a tsamaya hodima lerako, mosadi a howeletsa ho yena, a re: Mpholose, morena, monga ka.


Morena a botsa mosadi, mme yena a mo phetela. Ebile morena o mo nea tona, a re: Eya, o busetse tsohle tsa hae ho yena le tsohle tse beilweng ke masimo a hae, haesale a tloha hae, ho fihlela la kajeno.


Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.


Ke tla o hodisa, Modimo wa ka, Morena wa ka! ke tla boka lebitso la hao kamehla le ka ho sa yeng kae.


Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.


Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Yaba o tloha, a ya thonaka masimong, a ntse a setse ba helang morao, mme a tshoha a nepisitswe tshimo ya Boase wa lesika la Elimeleke.


Ebile Saule o tseba lentswe la Davida, a re: Na hase lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Davida a re: Ke lentswe la ka, morena, monga ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ