Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Mohlomong, ba ya Ramothe-Gileade le Jorame, mora Akabe, ho lwantsha Hasaele, morena wa Siria; empa Basiria ba hlaba Jorame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Bo-kgosi Akasiya le kgosi Jorame, mora wa Akabe, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade. Baarame ba ntsha Jorame dikotsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:28
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya tla qoba lerumo la Hasaele, o tla bolawa ke Jehu; ya qobang lerumo la Jehu, Elisha o tla mmolaya.


Ebile morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba futuhela Ramothe-Gileade.


Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.


Ha a tloha, a romela ho Josafate, morena wa Juda, ka ho re: Morena wa Moabe o mphetohetse; hleka o tla ya le nna ho lwantsha Moabe na? Yena a re: Ke tla ya; ke ka wena le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka pere tsa hao.


Empa eitse ka hosasa, a tloha, a nka lesela le letenya, a le ina metsing, a mo pupetsa sefahleho ka lona; yaba o a shwa; mme Hasaele ya eba morena tulong tsa hae.


Ebile morena Jorame o kgutlela Jisreele ho phekolwa maqeba ao Basiria ba mo hlabileng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria, mme Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele, ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.


Yaba moporofeta Elisha o bitsa e mong wa bara ba baporofeta, a re ho yena: Itlame letheka, o nke lenaka la ole letsohong la hao, o ye Ramothe-Gileade.


Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.


Morena Jorame o ne a kgutletse Jisreele, a ile ho phekoloa teng maqeba ao Basiria ba neng ba mo hlabile wona, mohla a lwantshang Hasaele, morena wa Syria. Jehu a re: Ha le hopola jwalo, ho se ke ha eba le a mong ya tswang motseng, leha e le ho thoba, ho ya tsebisa ba Jisreele.


Ebile Jehu o kena koloing, a ya Jisreele, hobane Jorame o ne a sekame diphateng teng, mme Akasia, morena wa Juda, o ne a tlile ho bona Jorame.


Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha; empa Josafate a meketsa; Jehova a mo thusa, mme Modimo wa ba hlohlelletsa hore ba mo tlohele.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


Ka ho susumetswa ke dikeletso tsa bona, a tloha le Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, ba ya futuhela Hasaele, morena wa Siria, Ramothe-Gileade; teng Basiria ba hlaba Jorame.


Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.


Lelokong la Gade, Ramothe-Gileade le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Mahanaime le meraka ya wona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ