Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa Juda, ka baka la Davida, mohlanka wa hae, jwalokaha a ne a mmoleletse, a re, o tla mo nea lebone la kamehla hara bara ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa mmuso wa Juda ka baka la Davida, mohlanka wa hae, hobane a ne a mo tshepise hore yena, le ditloholo tsa hae, ba tla busa kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Abishai, mora Tseruja, a tlatsa Davida, a hlaba Mofilesta, a mmolaya. Yaba banna ba Davida ba mo antsha, ba re: Ha o sa tla futuha le rona, esere mohlomong wa tima lebone la Iseraele.


empa mohau wa ka o ke ke wa mo tlohela, jwalokaha nkile ka o tlosa ho Saule, eo ke mo suthisitseng pela hao.


Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla nne di tiye pela hao ka ho sa feleng, le terone ya hao e tla tiiswa kamehla.


Feela, nke ke ka etsa hoo o sa phela, ka baka la ntatao, Davida; ke mpa ke tla o haraswanya letsohong la mora wa hao.


Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.


Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Empa Josheba, moradi wa morena Jorame, kgaitsedi ya Akasia, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bana ba morena mohla ba bolawang, a mo pata kamoreng ya malao, e le yena le moanyesi wa hae; ba mo patela Athalia jwalo, a tle a se ke a bolawa.


Hobane ke tla sireletsa motse ona, ke o pholose ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng.


Ka baka la Davida, mohlanka wa hao, o se ke wa furalla motlotsuwa wa hao!


Ke tla medisetsa Davida lenaka ho yona, ke lokisetse motlotsuwa wa ka lebone.


Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Nke ke ka etsa ka ho tuka ha bohale ba ka, nke ke ka boela ka timetsa Efraime, hobane nna ke Modimo, ha ke motho, ke nna ya halalelang mahareng a hao; nke ke ka tla ka bohale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ