Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, kamoo ntlo ya Akabe e entseng kateng, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Kahobane mosadi wa hae e ne e le moradi wa Akabe, a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsohle tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, mme a etsa bobe mahlong a Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:18
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho a ka ha eba e mong ya ineetseng ho etsa hampe mahlong a Jehova jwaloka Akabe, a kgannilwe ke Jesebele, mosadi wa hae.


Leha ho le jwalo, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlahisa mahlabelo, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.


Le yena a ya ka mehlala ya marena a Iseraele, hape a tjhesa mora hae mollong, ka mokgwa wa manyala a ditjhaba, tseo Jehova a neng a di leleke pela bana ba Iseraele;


Ke tla otlolla kgwele ya Samaria, le tekanyo ya ntlo ya Akabe hodima Jerusalema; ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola pitsa, a e hlakole, a be a e ribehe.


A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


Akasia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa; a busa selemo se le seng Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Athalia, moradi wa Omri, morena wa Iseraele.


A ya ka mehlala ya ba ntlo ya Akabe, a etsa tse leng mpe mahlong a Jehova, jwaloka ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyallane le ba ntlo ya Akabe.


a mpa a batla Modimo wa bontatae, mme a tsamaya ka ditaelo tsa wona, a se ke a ya ka mokgwa wa Baiseraele.


Josafate a atelwa ke leruo le kganya, mme a nyallana le Akabe.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


o mpile wa tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, mme wa kgannela Juda le baahi ba Jerusalema bohloleng, jwalokaha ntlo ya Akabe e ntse e kgannela Baiseraele bohloleng bo jwalo, o bile wa bolaya le banabeno, ba ntlo ya ntatao, ba neng ba o feta ka molemo;


A nna a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, jwalokaha ho ne ho tsamaile ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe pela mahlo a Jehova.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ