Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Yaba Hasaele o re: “O llelang, monga ka?” Elisha a araba, a re: “Ke hobane ke tseba sehloho seo o tla se etsetsa bana ba Iseraele. O tla tjhesa diqhobosheane tsa bona ka mollo, o bolaye bahlankana ba bona ka sabole. Masea a bona o tla a pshatlanya fatshe, baimana ba bona o ba phatlole dimpa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:12
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na?


Ya tla qoba lerumo la Hasaele, o tla bolawa ke Jehu; ya qobang lerumo la Jehu, Elisha o tla mmolaya.


Mohlomong Hasaele, morena wa Siria, a futuha, a tla lwantsha Gathe, a o nka. Hasaele a ntoo rera ho futuhela Jerusalema.


Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.


Haele Hasaele, morena wa Siria, a tshwenya Iseraele tshiung tsohle tsa Joakase.


Ebile Jehova o halefela Baiseraele, a ba neela matsohong a Hasaele, morena wa Siria, le matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, tshiung tsohle tsa Joakase.


Joakase ha a ka a tlohellwa batho, haese bakalli ba mashome a mahlano, le makoloi a leshome, le dikete tse leshome tsa ba maoto; hobane morena wa Siria o ne a ba timeditse, a ba etsa jwaloka lerole ha le hatwa ka maoto.


Yaba Menaheme o tloha Thirtsa, a kena Thifsa, a bolaya bohle ba teng le ba mathoko wohle a teng; kahobane ba ne ba sa ka ba mmulela monyako, a ba bolaya ke hona; basadi bohle ba baimana a petsola dimpa tsa bona.


Yaba mosadi o re: Hleka ke ne ke kopile mora ho monga ka na? Ana ha ke a ka ka re, o se ke wa nthetsa na?


Bana ba bona ba tla pshatlwa pela mahlo a bona, mesebetsi e matlung a bona e lobelwe, basadi ba bona ba betwe.


Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.


Ntwa e moferefere e tla hlahela setjhaba sa hao, diqhobosheane tsa hao di fediswe kaofela, jwalokaha Shalmane a fedisitse Bethe-Arbele mohla ntwa, ha bana ba pshatlanngwa hammoho le bomma bona.


Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.


Iseraele, kgutlela ho Jehova, Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya bana ba Ammone — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba petsotse baimana ba Gileade, ba tle ba hodise naha ya bona:


Leha ho le jwalo, le wona o o tlositswe, o ile kgolohong; bana ba wona ba ile ba tlapunngwa dikhutlong tsohle tsa diterata; ba kgabane ba wona ba loalwa ka lotho, le baholo ba wona kaofela ba bofshwa ka mahlaahlela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ