Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 7:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.


Taba ke ena: Ha monga ka a kena ka tlung ya Rimmone, ho kgumama teng, mme a ikokotlela ka letsoho la ka, Jehova a ntshwarele nna, ke leng mohlanka wa hao, ha ke kgumama le nna tlung ya Rimmone; ke re, ha ke kgumama tlung ya Rimmone, Jehova a ntshwarele taba ena.


Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.


Ba boela ba leka Modimo, ba halefisa Mohalaledi wa Iseraele.


Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Na ke tla nka kae nama, ke tle ke fe setjhaba sena sohle; hobane bohle ba itelela ho nna, ba re: Re fe nama, re tle re je!


Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?


Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba dumela, ho se dumele ha bona ho ka fosisa ho tshepeha ha Modimo na?


Hlwella qhoweng ya Pisga, mme o ise mahlo nqa bophirimatsatsi, le nqa leboya, le nqa borwa, le nqa botjhabatsatsi, mme o bohe ka mahlo a hao; hobane haele Jordane eo, o ke ke wa ba wa e tshela.


ha re lesa ho tshepeha, yena o ya nne a tshepehe; o sitwa ho itatola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ