Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 7:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 E mong wa bahlanka ba hae a mo fetola, a re: Ho nkwe pere tse hlano ho tse setseng, tse siilweng motseng, leha di fokotse jwaloka bongata bohle jwa Baiseraele ba setseng motseng; di fokotse jwaloka bongata jwa Baiseraele ba timelang. A re romeleng, re tle re bone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Empa e mong wa bahlanka ba kgosi a araba, a re: “Ereng ba bang ba palame dipere tse hlano tsa tseno tse ntseng di setse mona motseng, re ba rome, ba yo bona se etsahetseng. Haeba ba ka phela, ba tla tshwana le Baiseraele ba bang ba ntseng ba phela; le teng haeba ba eshwa, ba tla nne ba tshwane le Baiseraele bohle ba seng ba shwele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 7:13
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba bahlanka ba hae ba mo atamela, ba mmolella, ba re: Ntate, hojane moporofeta a o laetse ntho e kgolo, ha re re, o ka be o e entse na? Haholo ha a itse ho wena: Ya itlhatswa, o hlweke.


Ha a ntse a bua le bona, e se e le lona lenqosa, le theohelang ka ha hae; le re: Bonang, kotsi ena e tswa ho Jehova: ana ke sa tla lebella eng ho Jehova?


Yaba morena o tsoha hara bosiu, a re ho bahlanka ba hae: Ha nke ke le tsebise seo Basiria ba re etseditseng sona; ba tsebile hobane re na le tlala; jwale ba tswile diahelong ho ya ipata naheng, ka ho re: Ha ba tswa motseng, re tla ba tshwara ba sa phela, re ntoo kena motseng.


Ebile ba nka makoloi a mabedi le dipere tsa wona, mme morena a romela ho latela makgotla a Basiria, a re: Eyang, le bone.


Ha re ka re, re tla kena motseng, tlala e kgolo e teng motseng, mme re tla shwela teng; leha re ka itulela mona, le teng re tla shwa; a re ke re yeng, re itahleleng diahelong tsa Basiria; ha ba re tlohela re phela, re tla phela; leha ba ka re bolaya, re tla shwa.


Ha ke tswela naheng, ho bonwa ba bolailweng ke lerumo; leha ke kena motseng, ho bonwa ba shwang ke tlala; hape, haele moporofeta le yena moprista, ba lelera naheng eo ba sa e tsebeng.


Ho iketlile ba bolailweng ke lerumo ho feta ba bolailweng ke tlala; bana ba fedile ba bolailwe ke ho hloka se bewang ke tshimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ