Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 7:10
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molebedi a bona monna e mong wa bobedi ya mathang; molebedi a ba a memetsa molebedi wa monyako, a re: Ho hlahile monna e mong hape ya mathang a nnotshi. Morena a re: Le yena o tlisa ditaba.


Balebedi ba bitsa, mme ba tsebisa ba ka tlung ya morena.


Yaba ba bolellana, ba re: Ha re etse hantle; letsatsi lena ke tsatsi la thabo, re mpa re kgutsitse; ha re dieha e ba e eba hosasa, kotlo e nngwe e tla re hlahela; ha re tloheng hle, re ye, re tsebise ba ntlo ya morena.


ba ena le banababo bona ba hlopha sa bobedi, Sakaria, Bene, Jaasiele, Shemiramothe, Jehiele, Unni, Eliabe, Benaia, Maaseia, Matthithia, le Elifele, le Mikneia, le Obed-Edomo, le Jeiele, balebedi ba menyako.


hape, a bea Obed-Edomo le banababo, e le batho ba mashome a tsheletseng a metso e robileng meno e le mmedi, ke re, Obed-Edomo mora Jeduthune, le Hosa, e tle e be balebedi ba menyako.


A bea balebedi menyakong ya ntlo ya Jehova, hore ho se ke ha kena motho ya nang le ditshila tsa ntho efe le efe.


Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ