Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yare ha e mong wa bona a diha sefate, tshepe ya selepe sa hae ya wela metsing; a meketsa, a re: Jo! monga ka, etswe se be se adimilwe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Empa yare ha e mong a ntse a ratha sefate, selepe sa pshemoha mofenng, sa wela ka metsing. Eo a howa, a re: “A nna elwa, monga ka! Selepe sena se ne se adimilwe!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa Iseraele a re: Jo! Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe!


Yaba o a tla, a tsebisa monna wa Modimo; yena a re: Reka tjhelete ka ole, o lefe molato wa hao, mme o phele le bara ba hao ka ho tla sala.


Mohlanka wa monna wa Modimo, ha a tsoha e sa le hosasa, a tswela ntle, a bona lekgotla le teetseng motse hare, le dipere, le makoloi. Mohlanka wa Elisha a re ho yena: Jo! monga ka, re tla etsa jwang?


A re: Ke tla ya. Yaba o ya le bona. Ha ba fihla Jordane, ba rema difate.


Monna wa Modimo a re: Se wetse kae? Yare hobane eo a mo supise, Elisha a rema thupa, a e akgela hona teng, a phahamisa selepe.


E mobe o a adima, mme ha a buse; empa ya lokileng o na le mohau, o a fana;


Ha tshepe e le botswa, e sa leotswe, ya sebetsang ka yona o tshwanetse ho etsa ka matla; bohlale bo ka tsosetsa motho masene.


O tla rema boteteano ba moru ka tshepe, Lebanone o tla dihuwa ke Ya matla.


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


ba re: Jo! jo! Motse o moholo o neng o apere line e ntle le purepera le sekarelata, o neng o kgabile ka kgauta, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka diperela, na maruo a kakalo a fedile jwang ka hora e le nngwe?


Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ