Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ha kgosi ya Iseraele e ba bona, ya re ho Elisha: “Ntate, ke ba bolaye? Ke ba bolaye?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:21
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!


Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.


Yaba bahlanka ba hae ba mo atamela, ba mmolella, ba re: Ntate, hojane moporofeta a o laetse ntho e kgolo, ha re re, o ka be o e entse na? Haholo ha a itse ho wena: Ya itlhatswa, o hlweke.


Hasaele a ya, a mo kgahlanyetsa, a tshwere mpho eo, e le tsohle tse molemo tsa Damaseka, tse belesitsweng dikameleng tse mashome a mane; a ya, a ema pela hae, a re: Ben-Hadade, mora hao, morena wa Siria, o nthometse ho wena, a re: Ana ke tla fola lefung lena na?


Yaba ba nang le yena, ha ba bona se tla hlaha, ba re ho yena: Morena, a re tla hlatha ka sabole na?


Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.


Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.


Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ