Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:17
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Modimo o tutubolla mahlo a hae, mme a bona sediba sa metsi; a ya, a tlatsa sehwana, a nwesa ngwana.


Jakobo a ikela ka tsela ya hae, mme mangeloi a Modimo a mo kgahlanyetsa.


Eitse ha Jakobo a a bona, a re: Ana ke makgotla a Modimo! Mme nqalo eo a e rea lebitso la Mahanaime (makgotla a mabedi).


Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.


o thea matlo a hae hodima metsi, o etsa maru koloi ya hae, o tsamaya a kaletse mapheo a moya.


O etsa meya manqosa a hae, malakabe a mollo ke bahlanka ba hae.


O tutubolle mahlo a ka, ke tle ke bohisise mehlolo e patilweng molaong wa hao.


Dithaba di teela Jerusalema hare; Jehova o teela setjhaba sa hae hare jwalo, jwale le ka ho sa yeng kae.


Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.


Makoloi a Modimo a dikete tse mashome a mabedi, dikete le diketekete; morena o mahareng a wona; Sinai o sehalalelong.


hobane o tla o laella mangeloi a hae, a tle a o boloke ditseleng tsa hao kaofela.


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


ho tutubolla mahlo a difofu, ho ntsha ba holehilweng kgolehong, le ba dutseng lefifing teronkong.


Nna Daniele, ka bona pono eo ke nnotshi, mme banna bao ke nang le bona ha ba ka ba bona pono eo; empa ba tshwarwa ke tshabo e kgolo, ba baleha, ba ipata.


Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu.


Yaba Jehova o tutubolla mahlo a Balaame, mme a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, lerumo le tsomotsweng le le letsohong la lona; a inama, a itihela fatshe ka sefahleho.


Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


Makgotla a lehodimo a mo latela, a kaletse dipere tse tshweu, a apere lene e ntle e tshweu, e hlwekileng.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ