Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Moporofeta a mo araba, a re: “O se ke wa tshaba. Ba ka lehlakoreng la rona ba bangata ho feta ba ka lehlakoreng la bona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:16
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a ikela ka tsela ya hae, mme mangeloi a Modimo a mo kgahlanyetsa.


Mohlanka wa monna wa Modimo, ha a tsoha e sa le hosasa, a tswela ntle, a bona lekgotla le teetseng motse hare, le dipere, le makoloi. Mohlanka wa Elisha a re ho yena: Jo! monga ka, re tla etsa jwang?


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?


Leha lekgotla la dira le ka tla ho lalla pela ka, pelo ya ka e ke ke ya tshoha; leha ntwa e ka mphutuhela, le teng ke sa tletse tshepo.


Ha ke tshohe dikete tsa batho ba ntikileng ho ntwantsha.


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


O tla ntlosa ke pholohile ntweng ena ba ntwantshang ka yona, leha ba ntwantshang ba le bangata.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang.


Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?


Eo a mpa a re ho bona: Le se ke la tshoha. Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng; o tsohile, ha a yo mona. Bonang, moo ba neng ba mmeile teng ke mona.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo.


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.


Bana, haele lona, le tswa ho Modimo, mme le ba hlotse; hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ