Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 E mong wa bahlanka ba hae, a re: Oho, morena, monga ka, ha o yo; ke Elisha, moporofeta ya Iseraeleng, ya isang ho morena wa Iseraele le mantswe a buwang ke wena kamoreng ya hao ya ho robala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:12
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a re ho yena: Ana pelo ya ka e ne e se teng, ha monna elwa a kgutla koloing ya hae, a o kgahlanyetsa na? Na ke nako ya ho nka ditjhelete, le ya ho nka diaparo, le mehlwaa re, le merara, le dinku, le dikgomo, le bahlanka ba batona le ba batshehadi na?


Eo a re ho mofumahadi wa hae: Hoja monga ka a ka itlhahisa ho moporofeta ya leng Samaria, o ba a ka mo fodisa lepera la hae.


Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.


Pelo ya morena wa Siria ya ferekanngwa ke hoo, a ba a bitsa bahlanka ba hae, a re: Na le ke ke la mpolella hobane ke mang wa rona ya emelang morena wa Iseraele?


Yaba o re: Eyang, le bone moo a leng teng, ke tle ke romele ho ya mo tshwara. Mme a tsebiswa, ha thwe: o Dothane.


Noka e tla nyekenyeha dihohwana; di tla nyoloha, di kene ka tlung ya hao, le ka taong tsa malao a hao, ho fihlela le malaong a hao, le ka matlung a bahlanka ba hao le a setjhaba sa hao, le diontong tsa hao le merifing ya hao eo ho dubelwang bohobe ho yona.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Se hlapaole morena leha e ka ba mehopolong ya hao, o se ke wa hlapaola morui leha o le dikamoreng tsa hao tsa ho robala; hobane manong a lehodimo a ka tshoha a jala tse boletsweng, dinonyana tse rurang tsa hasa mantswe a hao.


Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ