Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Sehlopha sa baporofeta sa re ho Elisha: “Bona mona, sebaka seo rona le wena re phelang ho sona ha se re lekane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile e mong wa bara ba baporofeta o re ho molekana hae, ka taelo ya Jehova: Ako nkotle. Motho eo a hana ho mo otla.


Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.


Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.


Teng, bara ba baporofeta ba Jeriko ba re ho Elisha: Ana o a tseba hoba Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? Yena a re: E, ke a tseba; kgutsang.


Ebile ho tla teng banna ba mashome a mahlano, e le bara ba baporofeta, ba ema mabapa le bona, ba le sebakanyana; bona ba babedi ba ema lebopong la Jordane.


Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.


Yaba Elisha o boela Gilgale; tlala e ne e wele naheng, mme bara ba baporofeta ba tla, ba dula pela hae. A re ho mohlankana wa hae: Hlatleha ka pitsa eo e kgolo, o apehele bara ba baporofeta moroho.


Re dumelle ho ya Jordane, re nke teng e mong le e mong sefate, mme moo re ikgahele ntlo eo re ka dulang ho yona. A re: Eyang.


O tla o lokolla jwalo dinaleng tsa matshwenyeho, ho o bea sebakeng, moo o ke keng wa patiswa; dijo tse hlabosang di tla bewa tafoleng ya hao.


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


Ebile bana ba Josefa ba bolella Joshua, ba re: O re neile keng karolo e le nngwe le seabo se le seng feela, ho ba lefa la rona na, athe re batho ba bangata, mme Jehova o re hlohonolofaditse ho fihlela jwale?


Naha ya bana ba Dane ya boela ya tswela kantle ho moo e neng e le ha bona; hobane bana ba Dane ba ile ba futuhela Lesheme, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, ba o rua, mme ba aha teng, ba bitsa Lesheme Dane ka lebitso la ntata bona, Dane.


Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ