Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Yare ha Elisha a utlwa hore kgosi ya Iseraele e hahotse diaparo tsa yona, a romela molaetsa ho yona, a re: “Ke ka baka lang ha o hahotse diaparo tsa hao? Ere motho eo a tle ho nna mona hona jwale, mme o tla tseba hore ho na le moporofeta naheng ena ya Iseraele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a eketsa a re ho Joabe le ho setjhaba sohle seo a nang le sona: Haholang diaparo tsa lona, le itlame matheka ka masela a mahwashe, mme le llele Abnere. Morena Davida a ya, a latela mojaro wa mofu.


Empa lentswe la Modimo la tlela Shemaia, monna wa Modimo, la re:


Mosadi a re ho Elia: Ke a tseba jwale hobane o monna wa Modimo, le hobane polelo ya Jehova, e molomong wa hao, ke ya nnete.


A re ho yena: Monna e mong o tlile, a re kgahlanyetsa, a re ho rona: Boelang ho morena ya le romileng, le re ho yena: Jehova o re: Na ke ho re, ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo o rometse ho botsa Baale-Sebube modimo wa Ekrone na? Ka baka lena, o ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.


A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.


Eo a re ho mofumahadi wa hae: Hoja monga ka a ka itlhahisa ho moporofeta ya leng Samaria, o ba a ka mo fodisa lepera la hae.


Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.


Naamane a ya ka pere tsa hae le ka koloi ya hae, a ema monyako wa ntlo ya Elisha.


Bahlanka bana ba hao kaofela ba ya tla ho nna, ba iname ho nna, ba re: Tswa, wena, le setjhaba sohle se o setseng morao; mme e be hona ke tswang. Yaba Moshe o tloha ho Faro, a tletse bohale.


Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.


Ka moporofeta Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta, le ka moporofeta Iseraele o kile a bolokwa.


Ke bolella lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, mme ke rorisa kabelo ya ka;


Eo a mpa a re ho Saule: Bona hle, monna wa Modimo o teng motseng wane; ke monna ya hlomphuwang; tsohle tseo a di buang di ye di etsahale; a re ye teng jwale; ekaba o tla re bolella tsela ya rona eo re ka tsamayang ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ