Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ha kgosi ya Iseraele e se e badile lengolo lena, ya hahola diaparo tsa yona, ya re: “Na nna ke Modimo ya ka bolayang a ba a phedisa, ha e le moo monna eo a nthomella motho eo hore ke mo fodise lepera? Ke a le kopa: Shebang taba ena hantle. Na ha le bone hore motho eo o mpatla ntwa!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:7
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o halefela Ragele, a re: A ke eme bakeng sa Modimo o o hanetseng le ho beleha na?


Yare ha Rubene a kgutlela lemeneng, a fumana Josefa a le siyo ka lemeneng, mme a hahola diaparo tsa hae,


Yaba Josefa o re ho bona: Le se ke la tshoha; a nka hla ka ipea sebakeng sa Modimo?


Ebile Davida o tshwara diaparo tsa hae, a di hahola; le banna ba ho yena ba etsa jwalo.


Morena wa Iseraele a bitsa baholo bohle ba naha, a re: Utlwang, le tsebe hobane monna eo o rata ho hlahisa kotsi; hobane o rometse ho batla ho nna basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka; mme ha ke a ka ka mo hanela le letho.


A tadima, a bona morena a eme pela tshiya ka mokgwa wa teng, le mahosana le ba letsang diterompeta ba le pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, se letsa diterompeta. Ebile Athalia o hahola diaparo tsa hae, a memetsa, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.


A tlisetsa morena wa Iseraele lengolo le reng: Etlare ha lengolo lena le fihla ho wena, o tle o tsebe hobane ke rometse Naamane, mohlanka wa ka, ho wena hore o mo fodise lepera la hae.


Mme morena le bahlanka ba hae kaofela ha ba ka ba tshoha, ha ba ka ba hahola diaparo tsa bona, ha ba utlwa mantswe ao kaofela.


Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.


Tloong, a re kgutleleng ho Jehova, hobane ke yena ya re harotseng, o tla re fodisa; o hlathile, o tla re tlamella leqeba.


Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,


Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.


Ba ne ba mo laletse, ba tle ba tshware taba e ka tswang molomong wa hae, eo ba ka mo qosang ka yona.


Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,


Hojane ba le bohlale ba ka be ba lemohile taba tsena, le ho ela ho fela ha bona hloko!


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Jehova o a timetsa, mme o a pholosa, o theosetsa lebitleng, mme o nyolla teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ