Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:5
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba bolellana, ba re: Tloong hleng, re bope makote, re a bese ka mollo. Ba eba le makote bakeng sa majwe, le bitume bakeng sa seretse.


A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.


A ba nea bohle dikobo, e mong le e mong, tseo ba di aparang tsa mokete, empa a nea Benjamine ditjhelete tse makgolo a mararo, le dikobo tse hlano tsa ho apara ka mokete.


Yaba morena o re ho monna wa Modimo: A re ye le wena hae, o je dijonyana, mme ke o nee teboho e nngwe.


Morena wa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: Ana ha le tsebe hobane Ramothe-Gileade ke wa rona; re kgutseditseng, re sa o amohe morena wa Siria?


Yaba ho tla monna wa Baale-Shalisha, a tlisetsa monna wa Modimo bohobe ba dithakangwaha, e le mahobe a mashome a mabedi a harese, le diqwapi tse tala mokotleng wa hae. Elisha a re: Beela batho bana, ba tle ba je.


Yaba Naamane o ya tsebisa monga hae, a re: Morwetsana wa fatshe la Iseraele o buile ka hore le hore.


A tlisetsa morena wa Iseraele lengolo le reng: Etlare ha lengolo lena le fihla ho wena, o tle o tsebe hobane ke rometse Naamane, mohlanka wa ka, ho wena hore o mo fodise lepera la hae.


Mpho ya motho e mo etsetsa sebaka, e mo atametsa pela ba baholo.


Ka ba ka re pelong ya ka: Tloo hle, ke tle ke o leke ka thabo, o latswe boiketlo; empa bonang hoo le hona ke lefeela.


Jwale, a nke ke le tsebise seo ke tla se etsa ka tshimo ya ka ya merara hona jwale: ke tla tlosa motero wa yona ke e etse makgulo; ke tla heletsa lerako la yona, e hatakelwe;


Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha, ba nketse senohe dimpho. Ba fihla ho Balaame, bo mo phetela mantswe a Balake.


Jwale, ke bua le lona ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ya motseng wa hore hoitseng, re tla dula teng selemo se le seng, re tla hweba teng, re tla rua;


Samsone a re ho bona: A nke ke le beele selotho; ha le ka ntlhalosetsa sona hantle matsatsing a supileng a mokete, la se nepa, ke tla le nea diaparo tse mashome a mararo le dikobo tse mashome a mararo tsa mokete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ